
DECLARE YOUTH UNEMPLOYEMENT AS A STATE OF EMERGENCY


Re le bacha ba Lesotho, re khathetse ke ho emela lits'episo. Re khathetse ke ho rapela. Re khathetse ke ho se utluoe.
Thlokahalo ea mesebetsi ke koluoa e hlasetseng bacha ba naha ena. Empa 'muso ha o etse letho, ha e se lits'episo tse sa phethahatsoeng.
Ke bonyane bacha 38.9% ea kakaretso ea bacha e hakanyetsoang e sena mesebetsi. Lipalopalo tse nyarosang ruri!! 'Me hase hobane re sena bokhone kapa litsebo. Re na le mangolo, re koetlisitsoe, re na le litalenta, re ikemiselitse ho sebetsa, empa menyatla ha e eo sebakeng sa rona. Re shebile bokamoso ba rona le bophelo ba rona bo nyamela kapele ho mahlo a rona. Re lula re lla, feela ho se ea re utloang!! E fela Mosotho o ne a opile khomo lenaka ha a re "sello sa tsuonyana ha se hlomole phakoe".
Re se re tsohile, 'me ha re sa ema, ha re sa lla, ha re sa kopa. Joale re nka bohato! Bokamoso ke ba rona, 'me re tliso bo aha kajeno, eseng hosane. Re hloka hore 'muso o re bone, o re utloe, 'me o sebetse le rona, eseng khahlalong le rona.
Comment